HIV and AIDS Charter in Sotho
Thursday, 10 March 2005

PHATLALATSO KA AIDS LE KOKWANA HLOKO YA AIDS
SELELEKELA


Hlokomelo ya

  • Khethollo bathong ba tshwerweng Ke AIDS kapa ba nang le kokwana hloko ya AIDS, bale Kane ba bona, malapa le ba bontshang bo tsotelli.
  • Kotsi etla bakwa ke ho tlala ha lefu lena Afrika Borwa etla eketsa ho se sebeletswe ka toka ha ho shebanwe le bat ho ba tswerweng ke Aids le ha ele eona kokwana hloko ya AIDS.
  • Bahlokwa ba hlokahalo ya hlokomediso le thuto ba tsebo ya AIDS le kokwana hloko ya AIDS ka hare ho bat ho ba Afrika Borwa.
  • Hlokahalo ha tshebedisano mmooho bat hong bohle ba Afrika Borwa ho thibela ho at a ha kokwana hloko ya AIDS. Rona ba itekeneeng (batikinyi) ba ka tlase, ka bo o mong kapa re le dikopanong, refumana ho le bohlokoa ho phatlalatsa ditokelo tsa hoqala tsa botho, ebile ele tokelo ya motho ka mong ho re bat ho ba se ke ba thibelwa kapa hona ho tingwa bolokolohi ba bona bohane ba angwa ke kokwana hloko ya AIDS kapa yona AIDS.

1. BOLOKOLOHI TSHIRELETSO YA MOTHO , BOSIYO BA TSHETISO METSAMAYONG YA BOHLE

 

1.1 Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS ba na le tokelo yohle ya tse boletsweng ka hodimo; jwalo ka motho emong le emong.

1.2 Ho se be thibelo ya mofuta ofe kapa ofe bolokolohing ba metsamayo hohle kahare honaha esitana le naha tse ahisaneng - ke lebaka la ho re bat ho ba tshwerwe ke AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS.

1.3 Khethollo kapa ho behwa ka mong ha bat ho diteronkong, dikolong, dipetlele kae kapa kae ka lebaka la ho ba le AIDS ha ho amohellehe ho hang.

1.4 Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ba na le bolokolohi bohle diqetong mabapi le manyalo, hlahong ea ban a, feel a ho ntse ho le jwalo; ba eta lokela ho fumana boeletsi bo hlwahlwa ke mo counsellor ho re ba elletswe kotsi eka tliswang ke diqeto tseo.

2. LEKUNUTU LE BOITSHEBO

 

2.1 Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ba na le tokelo ya ho re maemo le ditaba tse amanang le bophelo ba bona di tswarwe ka lekunutu.

2.2 Ditaba tse amanang le maemo a kokwana hloko mothong dikeke tsa ntshetsoa kantle ntle le tumello ya motho ya amehang; Le ka morao ho hoshwa ha hae, ntle le tumello ea lelapa la hae kapa mole Kane oa hae,kantle lehore ebatlwe ke bamolao.

3. HLAHLOBO

 

3.1 Ho hlahlobelwa bo teng ba kokoana hloko ho lokelwa ho etswa ka tokello ea ho lokelana, ka ntle le ha ele motho ea senang mang we

3.2 Hlahlobo ea motho ea sa tsejoeng pele kapa kamorao ho ho re motho ea joalo a fete matsohong a ditsibi tsa hlalosetso, e tshwanela ho fumantshwa bohle

3.3 Batho bao ho fumanehang ba en a le kokwana hloko ba lokela ho fumantshwa tshehetso e tswang Pete efanwang ke ba lefapha la tsa bophelo.

4. THUTO KA AIDS LE KOKWANA HLOKO YA AIDS

 

4.1 Batho bohle ba na le tokelo ea ho fumantswa thupelo e nepahetseng le tsohle tse amanang le lefu la AIDS, mme ba boetse ba na le tokelo ea ho iphumanela tsebo ka mekhoa ea ho itsireletsa

4.2 Thuto ho bohle e lokelwa ho fanwa ka sepheo le morero wa ho fedisa khethollo e etsetswang bakudi ba AIDS le kokwana hloko ya AIDS.

5 KHIRO

 

5.1 Motho ha a tshwanele ho hlahlobelwa AIDS ele mokhwa oa ho etsa qeto ka tsa khiro ea hae, esita le hona ho Han a ho hira motho ya nang le lefu leo

5.2 Boteng ba kokwana hloko le AIDS ka bo tsona ha di ya tshwanela ho baka tebelo ea mohiruwa, theolo maemong a mosebetsi, ho chenchoa mosebetsing esita le ho khetholloa jwang kapa jwang

5.3 Taba tse amang di thuto mabapi le kokwana hloko le AIDS, hammoho le bo eletsi ba ditsibi le ho fitisetsa motho hlahlobong, ho lokelwa ho etswa sebakeng sa mohiruwa ka morao ho therisano le baemedi ba lokelang ba dihlopha tsa bahiruwa

6 BOPHELO LE DITSHEBELETSO

 

6.1 Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ba na le ditokelo nthong tse late Lang: Bodulo, dijo, tshireletso, dithuso ka meriyana le bophelo bo botle ho lekana le bohle bao ba phelang le bona.

6.2 Kamohelo bodulong le ditshebeletso tse yang setshabeng ka kakaretso le tsehlokwang tsohle di fumantshwe bat ho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS.

6.3 Mokhwa oo motho a fumaneng tshwaetso ka ona, ha ho dikele ho etswa lebaka la khethollo bakeng sa ho fumana thuso ysa bophelo, dithuso ka kakaretso le ha ele yona meriyana.

6.4 Bo teng ba kokwana hloko kapa yona AIDS e se ke ya eba lebaka la khethollo ha ho lebanwe le Medical Aid Funds.

7 PHATLALATSO

 

7.1 Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ba tshwanela ho sebeletswa hantle ke ba diphatlalatso, ho elwa hloko tokelo tsa bona mabapi le le kunutu la bona.

7.2 Batho bohle ba lokelwa ke fuwa ditaba tse amanang, le sebeletswa ka nepo ha ba fuwa thuto ka tsohle tse amanang le AIDS lekokwana hloko ya AIDS.

8 TSHIRELETSO

 

Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS, hommoho le ba ka belayelwa ho re ba na le lefu Len a, ba lokela ho sireletswa khethollong e ka etswang ke ba tshireletso (insurance)

9 BALEKANE

 

9.1 Batho bohle ba na le tokelo ya ho susumetsa ho re bale Kane ba bona ba nke mehato yohle ya ho itshereletsa ho re ba se ke bafumana tshwaetso

9.2 Ho sireletseha ho tsebahalang ho bomme (basadi) ho lokelowa ho se potwe ka thoko; ho lokelwa ho shebisiswa, mme ho jwalo feel a le ho batho ba batsha esita le banna.

10 BATSHWARUWA

 

10.1 Batshwaruwa ba nang le kokoana hloko ya AIDS ba lokelwa ke mayemo a tswanang a hlokomelo le tshwaro ka kakaretso le batshwaruwa bohle.

10.2 Batshwaruwa ba nang le AIDS ba lokelwa ke kalafo e khethehileng jwalo ka batshwaruwa bohle ba kulang haholo.

10.3 Batshwaruwa ba lokela ho fumantshwa menyetla yohle ya thuto leditaba tse amanang le boyitshireletso jwalo ka setshaba sohle.

11 TSHIRELETSO E LEKANANG YA MOLAO LE TSOHLE TSE KA BOYELANG SETSHABA

 

11.1 Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ba tshwanela ho fumana tsohle tse ka boelang setshaba ka mokhwa olekanang le bohle; mme hlahlobo ya kokwana hloko ha ya tshwanela ho etswa ele monyetla wa ho baka thibelo melemong ya mefuta e jwalo.

11.2 Mehato e akaretsang e lokela ho nkwa tshireletsong ya bat ho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ha ho lebanwe le khiro, matlo abodulo, thuto, hlokomelo ya ban a leho fumana meriyana, esitana le tsohle tse I sang bophelong bo botle.

12 TOKELO YA BATHO BA NANG LE AIDS KAPA KOKWANA HLOKO YA AIDS

 

Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS ba lokela ho hlonepha ditokelo, bophelo esita le maemo a tsitsitseng a bat ho ba bang, ba nke mehato e nepahetseng moo ho hlokehang.

Designed and Maintained by | 3rd Millenium Solutions |